Ke Thata 歌词
Ke Thata - Ntate Stunna/Malome Vector
Lyrics by:Bereng Matseletsele
Composed by:Mosiuoa Petrus Monaheng
Nna ke tshepe ke thata
Nna ke tshepe ke thata
Nna ke tshepe ke thata
Nna ke tshepe ke thata
Ke plaka Ke plaka
Hohle moo ke kenang nna nka thula feela
Nna ke tshepe ke thata
Nna ke tshepe ke thata
Nna ke tshepe ke thata
Nna ke tshepe ke thata
Ke plaka
Ke plaka
Hohle moo ke kenang nna nka thula feela
Nna ke tshepe ke thata
Tsa Moshoeshoe di ka mpaka
Ke ts'oere lifela ke kheleke verse li staka
Ke ronngoe ke tsa 'eso ba itse ke tle le moqhaka
Ke phatsuoe ke ngaka tse thata 'mele o tletse litlhaka
Hlasela Jericho haeso ha ho na tjako
Koliana ha e lla tjena e ka re e tla liea marako
Ska ba ema tseleng ea monna a khannoang ke lephako
Ke rupetsoe ke monn'a thata ntate Ndoda Sefako
Ke thata
Ke ba hlatsisa tsa ka
Ke imetse likheleke sa monna a phahamisa raka
Ke lutse hantle holima hlooho sa naka la khaka
Ene o tla be o folokha authi eaka e sale o sheba taba tsa ka
Ke thata
Ke emetse Lesotho le Foreisitata
Ke plaka
Ha ke hlaha banna ba a ipata ke bothata
Ke nkane ba poho e fata
Floschem ea nts'oanela pheeolephats'oa ha ke hata ke thata
Na ke tshepe ke thata
Na ke tshepe ke thata
Ke plaka
Ke plaka
Hohle moo ke kenang nna nka thula feela
Nna ke tshepe ke thata
Nna ke tshepe ke thata
Nna ke tshepe ke thata
Ke plaka
Ke plaka
Hohle moo ke kenang nna nka thula feela
Nna ke tshepe ke thata
Ke ba khanna ka chofo
Banna ba kene fatshe e ke ba jaiva vosho
Ke binela tsa Mafeteng makaota a its'apotang
Ke binela masele-sele habo monna a nrekotang
Le khale ke hloloe Setsung ke ha Molapo
Ke tla lula ke khants'a liphaka tsa ka tse marapo
Ke monna teropong moo sebe se etsoang ka lerato
Ke emetse tsa bochabela tsa Mamosa le Molapo
Ke thata
Ha ke ntho'a ho hloloa le khale
Aranda e putsoa lehetleng ke itse thoto e tlangoe
Molamu oa eso o maseka se ke itse banna ba khangoe
Ke sesitahlooana hara mp'a bosiu 'thunya li sangoe
Ke roikate ke pholo e ts'ehla pele ke a li hula
Ke monna oa ho isa molamu ntoeng ho lla lithunya
Ke ts'oere 'meke tsa ka khompetishene ha ke e bone
Mochesi oa 'Makarabo fistoro wa boMochone
Ke thata
Ha ke file le Manothi nna ke lutse
Ha ke le teng sefefo ha se khutse
Tsa heso li kena feela ha li botsoe
Tse khunong tse hlabana ha li khotsoe
Ha ti kuose
Nna ke tshepe ke thata
Nna ke tshepe ke thata
Nna ke tshepe ke thata
Nna ke tshepe ke thata
Ke plaka
Ke plaka
Ke plaka
Hohle moo ke kenang nna nka thula feela
Nna ke tshepe ke thata
Nna ke tshepe ke thata
Nna ke tshepe ke thata
Nna ke tshepe ke thata
Ke plaka
Ke plaka
Ke plaka
Hohle moo ke kenang nna nka thula feela
Nna ke tshepe ke
Nna ke tshepe ke